Planning (Maize) (1610 words)									Sesotho

Ditokisetso tse atlehileng tsa dijothollo tsa hlabula



Instructions: 

Folio strap: Tlhahiso

Byline: Ditaba tsena ke diphehiso tsa molemi wa nako e fetileng



Dijothollo tsa sehla se fetileng ha di eso kotulwe, empa ditokisetso ka botlalo tsa sehla se hlahlamang di se di simollotse. Ke nako e ntle ena ya ho thuisa ka tse etsahetseng sehleng se fetileng le ho hlahloba mekgwa e fapaneng ya tsamaiso mmoho le dintlha tsa tlhahiso tse bileng bohlokwa taolong ya boleng bo qetelletseng le kunong ya dijothollo. Haeba direkoto tsa nalane ha di a ka tsa bolokwa mabapi le masimo a mang le a mang, jwale ke nako ya ho sebedisa dintlha tse fumanweng lemong se fetileng hore o tswele pele ka ho sebedisa mokgwa wa ho boloka direkoto.

Direkoto tsa motheo tsa dintlha tse latelang tsa masimo di tshwanetse ho bolokwa le ho dula di ntjhafatswa selemo le selemo: lebitso la polasi, setereke sa polasi, area kaofela, dibaka tsa mobu o ka lengwang, makgulo a mehlape, makgulo a ntlafaditsweng, ho nosetsa, sebaka sa bodulo, dibaka tsa tshireletso ya mehlape le meaho.

 Masimo a mang le a mang polasing a ka hlahlojwa ka tsena tse latelang: area ya naha, botebo ba mobu, mofuta wa mobu, monono wa mobu, phetoho ya boemo dilemong tse ngata. (Haeba di fumaneha diphethong tsa hlahlobo ya mobu), phapanyetso ya dijothollo le ditokisetso tsa phapanyetso ya dijothollo, dijothollo tsa ho qetela tse lenngweng (ho kenyelleditswe matsatsi a ho jala), mofuta wa peo, sekgahla sa ho mela ha peo, palohare ya pula, pula e bileng teng nakong ya ho tlohelwa ha masimo a sa lengwe mabapi le dijothollo ka nngwe tse ileng tsa jalwa, pula e bileng teng nakong ya ho hola, taolo ya mahola e ileng ya etswa (ho kenyelleditswe dikhemikhale le sekgahla sa tshebetso se ileng sa fihlellwa le bohlwahlwa ba yona), dibolayakokwanyana tse ileng tsa sebediswa, le katleho ya tsona, kuno ya dijothollo le boleng ba tsona. 

Ditjeo tsa manyolo ke e nngwe ya ditjeo tse otlolohileng tsa sehlooho lenaneong la ho hola ha dijothollo. Katleho ya tshebediso ya lenaneo le rerilweng la manyolo sehleng ka seng le tse hlahlamang ke yona e tla laola kuno tse phahameng ka ho fetisisa. Ho hlokolosi ho tseba boemo ba mobu wa hao, haholoholo ka mora sejothollo se hlahisang kuno e phahameng, hammoho le pula e fetang tekano e bileng teng mabatoweng a itseng, eo mohlomong e hohotseng menontsha e meng ya bohlokwa ya dimela. Ho sehlafala ho bakwang ke kgaello ya nitrojene le sulphur ho ile ha totobala mabatoweng a mangata a temo sehleng sena se fetileng. Mabapi le sejothollo se ka hodimo, menontsha e lahlehileng e tshwanetse ho kgutlisetswa ho tiisa hore sejothollo se hlahlamang se fihlella kuno e lebelletsweng. 

Ka sena kelellong, disampole tsa mobu di tshwanetse ho nkuwa masimong a mang le a mang a lehlabula, le ho iswa tekong. Hang ha qeto e se e nkilwe ya hore ke dijothollo dife tsa sehlooho tse ilo jalwa – poone, soneblomo, dinawa tsa soya, mabele, matokomane, ditapole, sugar beans, kapa sejothollo sefe le sefe – diphetho tsa diteko di ka sebediswa ho rala mehato e phahameng ya menono, e leng e hlokahalang ho fihlella kuno e ntle ya sejothollo ka seng. Sejothollo ka seng se hloka kgothaletso e ikgethileng ya menontsha ya sona. Ditheko tsa nako e tlang ya mebaraka le taolo ya ho qoba dikotsi ke tsona tse tla laola hore ke metswako efe ya dijothollo e tla lokela tshebetso ya hao ya temo.

Disampole tsa mobu le diteko tsa mobu

Mehato e mmalwa e tshwanetse ho latelwa hore lenaneo le nepahetseng la teko ya kalaka le manyolo le tle le lokele tshebetso ya masimo a hao. Tsena di kenyelletsa pokello e nepahetseng le tlhokomelo ya disampole tsa mobu, mehato e nepahetseng ya diteko, ditataiso tse fupuditsweng ka mokgwa o batsi mabapi le hlaloso e utlwahalang ya diphetho, ntshetsopele ya dikgothaletso tse nepahetseng tsa sekgahla sa menontsha hammoho le ho kenyelletswa ha ditlhoko tse kgothaletswang tsa menontsha lenaneong le akaretsang la tlhokomelo ya menontsha. 

Pokello ya disampole tsa mobu

Sepheo sa diteko tsa mobu ke ho lekanya bokgoni ba mobu ho fana ka menontsha e hlokahalang dijothollong tse ntseng di hola le ho sibolla mathata a ka bang teng a mobu a ka sitisang kgolo e ntle le tswelopele ya dijothollo. Teko ya mobu mabapi le letsopa e boetse e dumella sekgahla se nepahetseng sa dibolayalehola lenaneong la taolo ya mahola.



Ho bohlokwa ho nka sampole ya boemedi masimong a mang le amang. Sampole ya ho qetela e romellwang laboratoring e ka nna ya ba le boima ba 0,5 kg, eo ho yona e ka bang feela grams tse seng kae tse tla sebediswa/hlophollwa. Ka baka lena, ho hlokolosi ho arohanya mebu e nang le botebo bo fapaneng, le mefuta e fapaneng, le dibaka masimong tse sa emeleng masimo kaofela. Teko e molemo feela jwalo ka sampole e nkilweng masimong. Hopola hore ho teng phapang e kgolo mobung wa masimo. Nakong e fetileng, sampole e nkilweng dihekthareng tse ding le tse ding tse leshome e ne e nkuwa hore e lekane. Le ha ho le jwalo, matsatsing a kajeno, kgothaletso ke hore ho rekwe kapa ho adingwe boro, mme ho tsamauwe ka mokgwa wa paterone ya zigzag masimong ohle ho tloha hodimo ho ya tlase ka batho ba babedi, e mong a jere mokotla wa sampole ka nngwe, le ho nka karolwana ya botebo bo pakeng tsa 15 cm le 20 cm, empa eseng ho feta 20 cm. 

Haeba ho sebediswa mokotla wa kgale wa manyolo, etsa bonnete hore o hlanoletswe, ka ha thollo e le nngwe ya manyolo e lekane hore e ka baka phapang diphethong tsa teko. Ka ha dithootse di le ngata tse batlwang, tse ka nkuwang di le ngata, mohlala, dimithara tse ding le tse ding tse 100 ho isa ho 200, ha motho a ntse a tsamaya a entse zigzag. Nka disampole pakeng tsa mela e jetsweng ya dijothollo tsa nako e fetileng e le sebaka moo dimela tse mmalwa di neng di ka bonahala e le tsa monono o phahameng. Sampole ena e bokelletsweng jwale e tswakanngwa ka ho phethahala, mme sampole e ka etsang 500 grams e nkuwa dibakeng tse fapaneng hape ka hara mokotla, mme e behwa ka hara lebokose le tswang laboratoring ya teko ho tiisa hore boemedi bo kgotsofatsang bo romellwa laboratoring.

Lebokose la sampole le tshwanetse ho tshwauwa ka mokgwa o hlakileng ka nomoro ya masimo, lebitso, aterese ya polasi, dinomoro tsa mohala le letsatsi la sampole ho qoba taba ya pherekano e ka bang teng laboratoring. Ka mehla ho molemo ho phetha sena masimong e le hore ho se be teng taba ya ho fapana ha disampole ka phoso.

Haeba karolo ya masimo e hlahisa kgolo e ntle e sa tlwaelehang hammoho le kuno e ntle, keletso ke hore ho nkuwe sampole e ka thoko masimong ana. Sampole ena, ha e bapiswa le sampole ya tlwaelo, e ka sebediswa ho bontsha ho se lekane ho itseng ha manyolo karolong eo jwale e ka hlaloswang le ho lokiswa. 

Disampole tsa mobu ha di a lokela ho bokellwa dibakeng tse sa tlwaelehang jwalo ka dibakeng tse phahameng, diforong, dibakeng tsa kgale tseo ho neng ho bokelletswe manyolo ho tsona, dibaka tse tlase haholo, tse maqhutsu kapa tse hoholehileng. 

Ho ya ka sethekgenike ho a kgonahala ho sebedisa Global Positioning Systems (GPS) ho hlwaya dintlha mokgweng wa kerite (grid) pakeng tsa dimithara tse 0,5 ho isa ho tse nne tsa sebaka se mateanong (crossing points) papetlwaneng ya setshwantsho sa kerite, kapa ho phatlalleng ha disampole papetlwaneng ya kerite. Disampole jwale di ka nna tsa bapiswa kgafetsa nakong e tlang, mme diphetoho tse fapaneng mabapi le dintlha tsa monono wa mobu di ka dula di behilwe leihlo ka nepo nakong e telele. Dintlha tse bokelletsweng di ka fihlellwa ka mokgwa wa Ground Information System (GIS) e le hore tjhate ya mmala, ya masimo e bontshang pH, calcium, magnesium, phosphate, sulphur, nitrogen micro nutrients hammoho le dintlha tse ding tsa teko ya mobu, di ka hlahella, e leng tse bontshang ka ho hlaka ho fetofetoha ho itseng kapa ho nama ha bothata bo itseng bo leng teng masimong. Dibakeng tse ngata di-pivot centre di dula di hlahlojwa ka mokgwa wa kerite ho ya ka hekthara tsa masimo.

Ho etswa ha disampole kgafetsa

Nako e ntle ka ho fetisisa ke eo o tla beng o etsa mosebetsi o motle, ha o kgona ho etsa qeto ka seo o se bonang, e leng ho arola masimo dikarolo tse lekanang tsa ho etsa disampole, hape le ka yona nako eo selemo le selemo ka mora kotulo, kapa ntlheng yona eo nakong ya phapanyetso ya dijothollo. Ho molemo ka mehla ho romella disampole mabapi le tlhophollo nakong eo mosebetsi wa dilaboratori o seng mongata haholo. Lebelo la sehla se tlang sa hlabula le ba teng hangata nakong ya Loetse le Mphalane selemo le selemo. Mehato e tla nkuwa e tshwanetse ho etswa ka nako ka ho ikopanya le baemedi ba thusang ka dikgothaletso mabapi le manyolo. 

Botebo ba mobu wa disampole 

Mabapi le mebu e mengata e tla etswa diteko tsa phosphates (P), potassium (K), organic matter le pH, disampole tsa mobu di tshwanetse ho nkuwa botebong bo le bong ba 0 cm - 15 cm. Ho itshetlehilwe ka ho teteana ha bokahodimo ba mobu, botebo bo nepahetseng e ka ba ba 0 cm - 20 cm. 

Tlhokomelo ya disampole

Hlokomela hore mokotla wa sampole o supa ka ho hlaka masimo ao sampole e tswang ho ona, le hore mokotla o na le nomoro ya ona e ikgethang. Mekotla e tshwanetse ho kwalwa ka nepo, e tloswe moo motjheso o leng mongata, e behwe moo ho phodileng, mme e romellwe laboratoring kapele.

Disebediswa tsa ho sampolwa ha mobu

Sesebediswa bonyane se hlokahalang ho nka disampole ke mmapa wa polasi, dintlha tse supang mefuta ya mebu, dintlha tsa GPS (haeba di hlokahala), diboro tse nepahetseng tsa mobu, kapa dikgarafu (haeba ho batlwa botebo bo le bong bo sa fetoheng), mekotla ya sehlooho ya disampole, mekotla ya laboratori ya mobu, dipene tsa ho tshwaya mabokose hammoho le direkoto tsa naha/polasi. 

Kgetho ya laboratori

Dilaboratori tse baballehileng tse ka sebediswang ke tse sa hokahanang le khamphane efe kapa efe e itseng – diphetho tsena di lefellwa ke molemo, mme ka baka lena di fetoha thepa ya molemi. ARC e na le dilaboratori tse ntle haholo tse ka sebedisetswang mosebetsi ona. Ka bomadimabe, dikhamphane tse itseng tsa manyolo di etsa dihlophollo ntle le tefo ya letho, empa di nehelana feela ka diphetho ho molemi haeba molemi a reka manyolo ho tsona. 

Kopo ya diteko tse hlokwang ke masimo a hao

Dilaboratori tse ngata di na le sehlotshwana sa diteko tseo ka tlwaelo di etswang e le diteko tsa motheo tse lefellwang ka theko e kgotsofatsang haholo ha di bapiswa le bohlokwa ba diphetho. 

Kgothaletso ke hore o kope diphetho tse latelang lethathamong lena e le hore setsebi sa mobu kapa moemedi a kgone ho fana ka keletso e ntle hoba a hlahlobe diphetho tsa teko ya mobu hammoho le kananelo ya mobu masimong a hao, le maemo a tlelaemete a moo masimo a hao a leng teng. Diteko tsa P, K, Ca, Mg, Na hammoho le peresente ya bongata ba esiti hammoho le tse latelang, tse hlokang kopo e ka thoko, S (haeba laboratori e ena le sesebediswa sa ho etsa teko ya sena), Zn (HCL), peresente ya letsopa le ditlhoko tsa kalaka, bonyane. 

Qetelo

Hangata ditjeo di teng tse tsamayang mmoho le tlhophollo ya disampole tsa mobu – empa hopola hore ka ho lefella makgolo a seng makae a diranta ho ka nna ha o qobisa taba ya ho lahlehelwa ke dikete tsa diranta tlhahisong ya dijothollo. Ho molemo haholo ho nka disampole selemo le selemo ho ena le ho boloka tjhelete e nyane, mohlomong le ho sebedisa mofuta o fosahetseng kapa bongata bo fosahetseng ba manyolo. 



